Moruti 6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho na le bobe bo bong boo ke bo boneng mona lefatsheng, mme bo imela batho haholo.

2. Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo.

3. Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.

4. Ho tswalwa ha sona ke lefeela, se shwella lefifing, lebitso la sona ha le tsejwe.

5. Le hoja se sa ka sa bona letsatsi, leha e le ho le tseba, se phomotse hamonate ho feta motho eo.

6. Leha a ka phela dilemo tse dikete tse pedi, mme a se ke a ithabisa ka maruo a hae, feela o ya sebakeng se le seng le sefolotsana seo.

7. Tshebetso yohle ya mothoke ho lemisetsa mmetso,takatso tsa hae tsonaha di ke di kgotsofala.

8. Mohlalefi o fetaya sethoto ka eng?Mofutsana o fumanangka ho tseba ho phela le batho?

9. Molemo ke ho kgotsofallaseo o se bonang,ho ena le horetakatso ya hao e kgelekgethe.Hona le honake lefeela le mafeela,ho tshwanale ho lelekisa moya feela.

10. Seo motho a leng sonakgale se tsejwa,kgale ho tsejwahore motho ke motho;ha ho motho ya ka hwebeshanang,le senatla se mo feta ka matla.

11. Ho bebera haholoke ho bua mafeela;jwale ebe mothoho ka mo ruisa eng?

12. Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?