Moruti 11 BIBELE (SSO89SO)

Se etswang ke mohlalefi

1. Lahlela bohobe ba haohodima metsi,hobane kamoso o tla bo fumana.

2. Bo abele ba supileng kapa ba robedikaha tsietsi tsa lefatsheo ke ke be wa di tseba.

3. Haeba maru a dusa pulaa tla e nesetsa hodima lefatshe;fate se ka wela ka borwakapa ka leboya,moo se welang tengke moo se tla rapalla teng.

4. Ya lebeletseng moya a ke ke a jala,ya tadimileng maru a ke ke a kotula.

5. Jwalokaha tsela ya moyao sa e tsebe,kapa popeho ya ngwanaka popelong,o ke ke wa tsebamesebetsi ya Modimo,e leng yena ya entseng tsohle.

6. Peo ya hao o e jale e sa le hoseng,ho fihlela mantsiboyamatsoho a hao o se a phuthe,hobane ha o tsebe e tla atleha,kapa bobedi di tla mela hantle.

7. Ruri lesedi le molemo,le mahlo a thabela ho bona letsatsi.

8. Leha motho a ka phelalemo tse ngata,a ithabisa ka tsona tsohle,feela a hopole matsatsi a lefifi,hobane a tla ba mangata haholo;tsohle tse tla tla ke lefeela.

Keletso ho batjha

9. Wena mohlankana,ithabise o sa le motjha,o nyakallele matsatsia botjha ba hao;o latele thato ya pelo ya hao,o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao;feela o tsebe Modimo o tla o ahlola,a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.