1. Dintho tsohledi beetswe dinako tsa tsona,nako tsa ho etsa tsohlemona lefatsheng:
2. Ke nako ya ho tswalwale nako ya ho shwa,nako ya ho hlomale nako ya ho hlomola;
3. nako ya ho bolayale nako ya ho fodisa,nako ya ho heletsale nako ya ho haha;
4. nako ya ho llale nako ya ho tsheha,nako ya maswabile nako ya mohobelo;
5. nako ya ho lahla majwele nako ya ho a phutha,nako ya ho akanale nako ya ho se akane;
6. nako ya ho batlale nako ya ho tela,nako ya ho bolokale nako ya ho lahla;
7. nako ya ho tabolale nako ya ho roka,nako ya ho kgutsale nako ya ho bua;
8. nako ya ho ratale nako ya ho hloya,nako ya ntwale nako ya kgotso.
9. Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?
10. Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.
11. O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
12. Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.
13. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
14. Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
15. Tse teng ha di qale ho ba teng,tse tla ba teng di bile teng pele;Modimo o etsa hore tsohle di sene,di suthelane sebaka.
16. Mona lefatshengka boela ka bona hona:Sebakeng sa kahloloka bona bokgopo,sebakeng sa tokaka bona bokgopo.
17. Yaba ke bua ka pelo, ke re:“Modimo o tla ahlolaya lokileng le ya kgopo;ntho ka nngwee na le nako ya yona,ketso ka nngwee na le nako ya yona.”
18. Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo.
19. Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.
20. Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.
21. Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”
22. Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?