Moruti 12 BIBELE (SSO89SO)

1. Hopola Mmopi wa haoo sa le motjha,matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,ho eso tle dilemotseo ka tsona o tla re:“Ha ke sa thabiswake letho ho tsona!”

2. Mo hopole tsatsi le eso fifale,le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi,maru a pula a eso aparele hape;

3. matsoho a hao a eso rerekele,meno a hao a eso ka a kgenoha,mahlo a hao a eso ho fifale,

4. tsebe di sa utlwa marata diterateng,lerata la ho sila le sa utlwahala;melodi ya dinonyanae eso be mowewetso,dipina tsohle di sa utlwahala;

5. batho ba eso tshabeho hlwa mekwalaba,ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi;moriri wa hlooho o eso pudufale,o eso tsamaye o kokoroha,o kokoroha sa tsienyane,takatso tsa hao tsohle di eso fele;hobane motho o ya boyabatho,mahahabo a mo hlabelesa mmokotsane.

6. Mo hopolekgwele ya silefera e eso kgaohe,jana sa kgauta se eso pshatlehe,nkgo e eso bjaratsehe sedibeng,kgwele ya sekgelloe eso kgaohele ka sedibeng;

7. lerole le eso busetswe leroleng,moya o kgutlela ho Modimo,Mofani wa wona.

8. “Lefeela la mafeela,”ho rialo Moruti,“tsohle ke lefeela!”

Qetello ya ditaba

9. Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.

10. A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.

11. Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.

12. Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.

13. Tsohle jwale di utlwahetse,mme qetello ya taba ke ena:Tshaba Modimo,o boloke melao ya hae,hoba honake tshwanelo yohle ya motho.

14. Diketso tsohleModimo o tla di ahlola,esita le tsona tsohletse entsweng bofihla,ebang di ntle kapa di mpe.