Meetlo 9 BIBELE (SSO89SO)

Arone o etsa mahlabelo

1. Ka letsatsi la borobedi Moshe a bitsa Arone le bara ba hae, le baholo ba Iseraele,

2. a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena.

3. Ho bana ba Iseraele o re: <Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.

4. Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona.> ”

5. Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena.

6. Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.”

7. Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”

8. Arone a atamela aletareng, mme a itlhabela pohwana ya nyehelo e tlosang sebe.

9. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare.

10. Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

11. Empa nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo.

12. Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a foka aletare ho e potapota.

13. Ba mo tlisetsa ditho tsa nyehelo ya setjheso, le hlooho; tsena a di tjhesetsa hodima aletare.

14. A hlatswa dikahare, le ditlhako, mme a di tjhesetsa hodima nyehelo ya setjheso, e hodima aletare.

15. Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.

16. A tlisa nyehelo ya setjheso, mme a nyehela ka yona ho ya ka molao.

17. A tlisa nyehelo ya phofo, a e ngwatha ka seatla, a e tjhesetsa hodima aletare, kathoko ho nyehelo ya setjheso seo a ileng a se etsa e sa le hosasa.

18. Arone a hlaba pholo le pheleu, e le nyehelo ya setjhaba ya teboho. Bara ba Arone ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a fika aletare ho e potapota.

19. Mafura a pholo le a pheleu, mafura a mohatla, le mohlehlo, le tshotso ya diphiyo, le phapohane,

20. tsena a di bea hodima difuba, mme a di tjhesetsa hodima aletare.

21. Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

22. Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha.

23. Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.

24. Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.