1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole ya mohlwaare e hlwekileng, ya ho bonesa, hore lebone le tle le nne le tuke kamehla.
3. Ka tsatsi le leng le le leng, ho tloha ka phirimana ho fihlela hoseng, Arone o tla le kgantsha ka Tenteng ya Morena, kapele ho Morena, ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona.
4. Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.
5. “O tla nka phofo e thumisehileng, o etse dikuku tse leshome le metso e mmedi; kuku ka nngwe e etswe ka phofo e boima ba kilo e le nngwe.
6. O tla di bea ka mela e mmedi hodima tafole ya kgauta e hlwekileng, kapele ho Morena, mola ka mong o be le dikuku tse tsheletseng.
7. Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.
8. Ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha, Arone o tla bea bohobe bona kapele ho Morena kamehla, bo etswa ho bana ba Iseraele, e le selekane sa mehla yohle.
9. Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.”
10. Hara bana ba Iseraele ho ne ho ena le monna ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele, ntatae e le Moegepeta. Monna enwa a ya ho bana ba Iseraele diahelong tsa bona. Yaba o lwana le monna eo e leng Moiseraele wa sebele.
11. Monna enwa ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Morena, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shilomite, moradi wa Diberi, wa leloko la Dane.
12. Ba mo kenya tjhankaneng ho fihlela Modimo a ka ba tsebisa taelo ya hae.
13. Morena a bua ho Moshe, a re:
14. “Ya rohakaneng eo, mo ntshetseng kantle ho diahelo, mme bohle ba mo utlwileng ha a rohakana ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya hae, ebe setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.
15. Jwale o bue le bana ba Iseraele, o re: <Motho ofe kapa ofe ya rohakang Modimo wa hae o tla ahlolelwa sebe seo sa hae,
16. mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.
17. “ <Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa.
18. Ya otlang phoofolo, mme a e bolaya, o tla lefa phoofolo eo ka phoofolo e nngwe.
19. “ <Ha motho a holofatsa wa habo, le yena a holofatswe jwalokaha a entse;
20. ho robeha ho lefshwe ka ho robeha, leihlo ka leihlo, leino ka leino, a etswe kamoo le yena a entseng e mong kateng.
21. Ya bolayang phoofolo o tla e lefa, empa ya bolayang motho, le yena o tla bolawa.
22. Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.> ”
23. Yaba Moshe o bua le bana ba Iseraele, mme ya rohakaneng ba mo ntshetsa kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa ka majwe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe.