1. Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:
2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.
3. “ <Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.
4. A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.
5. Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao.
6. A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele;
7. baprista, e leng bara ba Arone, ba bee mashala a tukang hodima aletare, ba nto bea patsi hodima wona.
8. Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.
9. Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
10. “ <Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.
11. A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.
12. Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.
13. Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
14. “ <Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.
15. Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare.
16. A le hlothe masiba, a ntshe kila, tsena a di lahlele ka lehlakoreng la aletare le ka botjhabela, moo ho qhallwang molora teng.
17. A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.