Meetlo 18 BIBELE (SSO89SO)

Molao wa manyalo a sa dumellwang

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ke nna Morena Modimo wa lona.

3. Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona.

4. Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona.

5. Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena.

6. “ <Ho se be le ya mong wa lona ya tla kena dikobong tsa mosadi eo e leng seng le yena. Ke nna Morena.

7. “ <O se ke wa tlontlolla ntatao ka ho kena dikobong tsa mmao. Ke mmao, o se ke wa kena dikobong tsa hae.

8. “ <O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ntatao, hobane hoo ke ho tlontlolla ntatao.

9. “ <O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele.

10. “ <O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora hao, kapa tsa moradi wa moradi wa hao, hobane hoo ho tla o tlontlolla.

11. “ <O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla.

12. “ <O se ke wa kena dikobong tsa rakgadia hao, hobane yena le ntatao ke bana ba motho.

13. “ <O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao e motshehadi, hobane yena le mmao ke bana ba motho.

14. “ <O se ke wa tlontlolla ngwanabo ntatao ka ho kena dikobong tsa mosadi wa hae, hobane ke mosadi wa ngwanabo ntatao.

15. “ <O se ke wa kena dikobong tsa ngwetsi ya hao. Ke mosadi wa mora wa hao, mme o se ke wa mo tlontlolla.

16. “ <O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ngwaneno, hobane hoo e ka ba ho tlontlolla ngwaneno.

17. “ <O se ke wa kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae. O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora wa hae, kapa tsa moradi wa moradi wa hae; hona ke ketso e manyala hobane ba tswalana le mosadi eo.

18. “ <O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.

19. “ <O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.

20. “ <O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa mohaeno, wa itshilafatsa ka yena.

21. “ <O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.

22. “ <O se ke wa robala monna e mong jwalokaha o robala mosadi. Hona ke manyala.

23. “ <O se ke wa robala phoofolo, mme wa itshilafatsa ka yona. Mosadi a se ke a ipeketla kapele ho phoofolo hore e mo robale. Hona ke manyala a tshabehang.

24. “ <Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa.

25. “ <Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.

26. “ <Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.

27. Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala.

28. Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona.

29. “ <Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

30. Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.> ”