Joshua 21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Metse e 48 ya Balevi.

1. Yaba dihlooho tsa bontata Balevi ba tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua, mora Nune, le ho dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele.

2. Ba bua le bona Silo, lefatsheng la Kanana, ba re: Jehova o laetse ka Moshe hore re newe metse ya ho aha teng, meraka ya yona e be ya dikgomo tsa rona.

3. Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.

4. Ha ho laolelwa matlo a Bakehathe, bana ba moprista Aarone, bao e leng Balevi, ba abelwa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Juda, le lelokong la Simeone, le lelokong la Benjamine.

5. Ba bang bana ba Kehathe ba abelwa metse e leshome matlung a leloko la Efraime, le lelokong la Dane, le mothapong o mong wa leloko la Manasse.

6. Bana ba Gershone ba laolelwa metse e leshome le metso e meraro matlung a leloko la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le mothapong o mong wa leloko la Manasse, Bashane.

7. Bana ba Merari ba newa ka matlo a bona metse e leshome le metso e mmedi lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.

8. Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.

9. Ba newa lelokong la bana ba Juda le lelokong la bana ba Simeone, metse e itseng e boletsweng ka mabitso a yona.

10. Bana ba Aarone bao e leng ba matlo a Bakehathe, bana ba Levi, ha ba kile ba laolelwa pele,

11. ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.

12. Empa masimo a metse le metsana ya yona ba e nea Kalebe, mora Jefunne, ho ba leruo la hae.

13. Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;

14. le Jatthire le meraka ya wona, le Eshthemoa le meraka ya wona;

15. le Holone le meraka ya wona, le Debire le meraka ya wona;

16. le Aine le meraka ya wona, le Jutta le meraka ya wona, le Bethe-Shemeshe le meraka ya wona: metse e robileng mono o le mong melokong eo e mmedi.

17. Lelokong la Benjamine, ke Gibeone le meraka ya wona, le Geba le meraka ya wona;

18. Anathothe le meraka ya wona, le Almone le meraka ya wona: metse e mene.

19. Metse yohle ya baprista, bana ba Aarone, ke metse e leshome le metso e meraro le meraka ya yona.

20. Haele ba matlo a bana ba Kehathe, e leng Balevi ba setseng ba bana ba Kehathe, ba laolelwa metse ya bona lelokong la Efraime.

21. Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,

22. le Kibtsaime le meraka ya wona, le Bethe-Horone le meraka ya wona: metse e mene.

23. Lelokong la Dane, ke Eltheke le meraka ya wona, le Gibbethone le meraka ya wona;

24. Ajalone le meraka ya wona, Gaathe-Rimmone le meraka ya wona: metse e mene.

25. Mothapong wa leloko la Manasse ke Thaanake le meraka ya wona, le Gathe-Rimmone le meraka ya wona: metse e mmedi.

26. Metse yohle ya bana ba Kehathe ba setseng ya eba e leshome le meraka ya yona.

27. Bana ba Gershone ba matlo a Balevi ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane, naheng ya Bashane, le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Beeshthra le meraka ya wona: metse e mmedi.

28. Lelokong la Issaskare, Kishone le meraka ya wona, Dabrathe le meraka ya wona,

29. Jarmuthe le meraka ya wona, Ene-Gannime le meraka ya wona metse e mene.

30. Lelokong la Asere, Mishaeale le meraka ya wona, Abdone le meraka ya wona.

31. Helkathe le meraka ya wona, le Rehobe le meraka ya wona: metse e mene.

32. Lelokong la Nefthali, Kedeshe wa Galelea le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Hammothe-Dore le meraka ya wona, le Karthane le meraka ya wona: metse e meraro.

33. Metse yohle ya Bagershone ka matlo a bona ke metse e leshome le metso e meraro le meraka ya yona.

34. Ba matlo a bana ba Merari ba setseng ba Balevi ba newa, lelokong la Sabulone, Jokneame le meraka ya wona, Kartha le meraka ya wona;

35. Dimna le meraka ya wona, Nahalale le meraka ya wona: metse e mene.

36. Lelokong la Rubene, Betsere le meraka ya wona, le Jahtsa le meraka ya wona;

37. Kedemothe le meraka ya wona, le Mefaathe le meraka ya wona: metse e mene.

38. Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;

39. le Heshbone le meraka ya wona, le Jaesere le meraka ya wona: hammoho ke metse e mene.

40. Metse yohle ya bana ba Merari, ka matlo a bona ba setseng ba matlo a Balevi, ya laolwa e le metse e leshome le metso e mmedi.

41. Metse yohle ya Balevi e lefeng la bana ba Iseraele ke metse e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le meraka ya yona.

42. O mong le o mong wa metse eo o ne o na le meraka ya wona e o teetseng hare; ha eba jwalo ka metse eo kaofela.

43. Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.

44. Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.

45. Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.