Joshua 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Naha ya leloko la Juda.

1. Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.

2. Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,

3. ho ya fihla nqa borwa moepeng wa Akrabbime, ho tla Tsine; ka nqa borwa o nyolosetsa Kadeshe-Barnea, le ho tla Hetsrone, le ho nyolosetsa Addare, le ho pota Karkaa;

4. o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa.

5. Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng.

6. Moedi oo o nyolosetsa Bethe-Hogla, o feta nqa leboya ho Bethe-Araba, mme moedi oo o nyolosetsa ho isa fikeng la Bohane, mora Rubene.

7. Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele.

8. Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.

9. Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.

10. Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.

11. Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.

12. Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona.Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona.

13. Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.

14. Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.

15. A ntoo tloha teng ho ya lwantsha ba ahileng Debire; bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere.

16. Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae.

17. Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.

18. Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang?

19. A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase.

20. Ke lena lefa la leloko la bana ba Juda ka matlo a bona:

21. Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;

22. Kina, Dimona, le Adada;

23. Kedeshe, Hatsore, Ithnane;

24. Sife, Theleme, le Bealothe;

25. Hatsore-Hadattha, le Keryothe-Hetsrone, e leng Hatsore;

26. Amame, Shema, Molada;

27. Hatsare-Gadda, Heshmone, Bethe-Palethe;

28. Hatsare-Shuale, Beerseba, Bisyothia;

29. Baala, Ijime, le Atseme;

30. Eltholade, Kesile, Horma;

31. Tsiklage, Madmanna, Sansanna;

32. Lebaothe, Shilhime, Aine, le Rimmone: metse eo yohle e mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, le metsana ya yona.

33. Lehwatateng, ke Esthaole, Tsorea, Ashna,

34. Sanoa, Ene-Gannime, Tapqua, Ename;

35. Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka;

36. Shaaraime, Adithaime, Gedera, le Gederothaime: ke metse e leshome le metso e mene, le metsana ya yona.

37. Tsenane, Hadasha, Migdale-Gade;

38. Dileane, Mitspe, Joktheele,

39. Lakishe, Botskathe, le Eglone;

40. Kabbone, Lakmase, Kithlishe;

41. Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona;

42. Libna, Ethere, Ashane,

43. Jiftah, Ashna, Netsibe;

44. Keila, Aksibe, le Maresha: ke metse e robileng mono o le mong, le metsana ya yona.

45. Ekrone le metse ya teng le metsana ya yona,

46. ho tloha Ekrone ho isa lewatleng, naha yohle e pela Ashdode, le metsana ya yona;

47. Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.

48. Dithabeng, ke Shamire, Jatthire, Soko;

49. Danna, Kiryathe-Sanna, e leng Debire;

50. Anabe, Eshthemo, le Anime;

51. Goshene, Holone, le Gilo; ke metse e leshome le motso o mong, le metsana ya yona.

52. Arabe, Duma, Esheane,

53. Janume, Bethe-Tappua, le Afeka;

54. Humta, Kiryath-Arba, e leng Hebrone, le Tsiore: ke metse e robileng mono o le mong le metsana ya yona.

55. Maone, Karmele, Sife, Juta;

56. Jisreele, Jokdeame, Sanoa,

57. Kaine, Gibea, le Thimna: ke metse e leshome le metsana ya yona.

58. Halhule, Bethe-Tsure, Gedore;

59. Maarathe, le Beth-Anothe, le Elthekone: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona.

60. Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona.

61. Lefeelleng ke Beth-Araba, Middine, Sekaka,

62. Nibshane, Ire-Hammela, le Ene-Gedi: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona.

63. Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.