Joshua 16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Naha ya leloko la Efraime.

1. Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko;

2. o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe.

3. Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng.

4. Bana ba Josefa, Manasse le Efraime, ba nkile lefa la bona jwalo.

5. Moedi wa bana ba Efraime ke ona ka matlo a bona: nqa botjhabela, moedi wa lefa la bona o tloha Atharothe-Addare ho isa Bethe-Horone ya kahodimo.

6. Nqa leboya, moedi o leba lewatleng ho ya kena Mikmethate; moedi o ntoo pota Thaanathe-Silo nqa botjhabela, o feta pela teng nqa botjhabela ho isa Janoa.

7. O ntoo tswa Janoa, o theohele Atharothe le Naaratha, ho ya fihla Jeriko le ho fella Jordane.

8. Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng.Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona.

9. Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.

10. Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.