1. Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.
2. Lefeng la bona ha eba Beerseba, Sheba, Molada;
3. Hatsare-Shuale, Bala, Atseme;
4. Eltholade, Bethule, Horma;
5. Tsiklage, Bethe-Markabothe, le Hatsare-Susa;
6. Bethe-Lebaothe, le Sharuhene: ke metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona.
7. Aine, Rimmone, Ethere, le Ashane: ke metse e mene le metsana ya yona.
8. Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa.Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona.
9. Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.
10. Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona.
11. Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame.
12. Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;
13. teng o fetela pele nqa botjhabela ho ya fihla Gittha-Hefere, le Ittha-Katsine, o ya le Rimmone, o ntoo pota ho isa Nea.
14. Moedi o boela o pota ka nqa leboya ho Hannathone, o ya fella sekgutlong sa Jiftha-Ele.
15. Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.
16. Ke leo lefa la bana ba Sabulone ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
17. Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona.
18. Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme;
19. le Hafaraime, le Shione, le Anaharathe,
20. le Rabbithe, le Kishione, le Abetse,
21. le Remethe, le Ene-Gannime, le Ene-Kadda, le Bethe-Patsetse.
22. Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-She-meshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.
23. Ke leo lefa la leloko la bana ba Issaskare ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
24. Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona.
25. Moedi wa bona ke Helkathe, le Hali, le Bethene, le Aksafe;
26. le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe.
27. Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi;
28. le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.
29. Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.
30. Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.
31. Ke leo lefa la leloko la Asere ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
32. Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.
33. Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane.
34. Moedi o boela o leba nqa bophirimela ho isa Asnothe-Thabore; o tloha teng ho ya fihla Hukkoke, o ya le Sabulone nqa borwa, mme o ya le Asere nqa bophirimela, le Juda, le Jordane nqa botjhabatsatsi.
35. Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;
36. Adama, Rama, Hatsore;
37. Kedeshe, Edrei, le Ene-Hatsore;
38. Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona.
39. Ke leo lefa la leloko la bana ba Nefthali ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
40. Karolo ya bosupa ya laolelwa leloko la bana ba Dane, ka matlo a bona.
41. Moedi wa lefa la bona ke Tsorea, le Eshthaole, le Ire-Shemeshe,
42. le Shaalabbine, le Ajalone, le Jithla,
43. le Elone, le Thimnatha, le Ekrone,
44. le Eltheke, le Gibbethone, le Baalathe;
45. le Jehude, le Bene-Berake, le Gathe-Rimmo-ne,
46. le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo.
47. Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane.
48. Ke leo lefa la leloko la bana ba Dane ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
49. Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona.
50. Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng.
51. Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.