Hosea 8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.

2. Ba tla howeletsa ho nna, ba re: Modimo wa rona, rona Iseraele, re o tsebile.

3. Iseraele o kgesa botle, sera se tla mo phallela.

4. Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.

5. E a kgeseha, namane ya hao, Samaria. Bohale ba ka bo a ba tukela. Ba tla sitwa ho hlweka ho le hokae?

6. Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.

7. Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.

8. Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.

9. Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.

10. Leha ba romela dineo hara ditjhaba, ke tla ba bokella teng, ba qale ho fokola ke ho imelwa ke morena wa marena a mang.

11. Erekaha Efraime a atisitse ho haha dialetare ka ho seba, dialetare di tla mo sebisa.

12. Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele.

13. Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.

14. Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.