Hosea 10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.

2. Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.

3. Mme jwale, ba tla re: Ha re na morena, hobane ha re a ka ra tshaba Jehova, mme morena a ka re etsetsang?

4. Ba bolela dipolelo tsa bosawana, ba hlapanya ka bohata; ba hlaba dilekane; ke moo kahlolo ya bona e se e ya hlomela jwaloka sehlohlo bolemeng.

5. Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.

6. Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.

7. Ho fedile Samaria; morena wa teng o jwaloka lefatsa le yang hodima metsi!

8. Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!

9. Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?

10. Ke tla ba kgalemela ka boithatelo ba ka, ditjhaba di bokellwe hodima bona ho ba tlamella makgopong a bona a mabedi.

11. Efraime ke sethole se thapisitsweng, se ratang ho pola. Empa nna, ke tla bea joko hodima molala wa sona o motle. Ke tla bofa Efraime, Juda yena a leme, Jakobo a phophothe.

12. Le itjallele ho loka, le tle le kotule mohau; le itemele thite e ntjha; hobane ke nako ya ho batla Jehova, a tle a be a tle, a le nesetse ho loka.

13. Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.

14. Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.

15. Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.