Hosea 6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.

2. Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.

3. A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.

4. Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.

5. Ka baka leo, ke ba otlile ka baporofeta, ke ba bolaile ka dipolelo tsa molomo wa ka; dikahlolo tsa ka tsa hlaha hang jwaloka lesedi!

6. Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.

7. Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.

8. Gileade ke motse wa dihlola, o inetile ka madi.

9. Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana.

10. Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa!

11. Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.