Hosea 12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.

2. Jehova o na le tseko le Juda, o tla kgalemela Jakobo ka baka la metsamao ya hae, a mo etse tse tshwanelang diketso tsa hae.

3. Popelong ya mmae o ile a tshwara ngwanabo ka serethe, le boholong ba hae o kile a betana le Modimo.

4. A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.

5. Jehova ke Modimo wa makgotla, Jehova ke lona lebitso la hae.

6. Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.

7. Efraime ke Mokanana (mohwebi); letsohong la hae o tshwere sekala sa bohata, o rata ho thetsa.

8. Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.

9. Athe nna ke Jehova, Modimo wa hao, haesale o etswa lefatsheng la Egepeta. Ke sa tla o ahisa ditenteng, jwalokaha ho etswa mohla mokete.

10. Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.

11. Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.

12. Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.

13. Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.

14. Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.