1. Mora wa ka,boloka polelo tsa ka,o boloke taelo tsa ka,di boloke ka pelong ya hao.
2. Boloka taelo tsa ka o tle o phele,thuro tsa ka le tsona di hlokomele;di hlokomeleseka thaka ya ihlo la hao.
3. Di tlamelle menwaneng ya hao,o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
4. Ere ho bohlale: “Wena kgaitsedi,”kutlwisiso yonae bitse motswalle wa hao.
5. Di tla o phemisa mosadi,mosadi wa sehlola,mosadi ya ekang ka dipolelo.
6. Fesetereng ya ntlo ya kaka tadima ka mamatjana a yona.
7. Ka tadima hara ba se nang tsebo,ka bona mohlankanaya hlokang kutlwisiso,
8. a feta pela huku ya seterata,a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola;
9. e le ka shwalane,tsatsi le se le diketse,fifi la bosiu le qala ho aparela.
10. Mosadi a betsehaho mo kgahlanyetsa,a apere jwaloka seotswa,ka maqheka a sona.
11. O manganga, ke mmadiberwane,ke pheka-ke-leoto, ha a dule hae;
12. ere a le seterateng,a be a se a le mabaleng,a qatjhama jwalohukung tsa diterata.
13. A mamarela mohlankana enwa,a mo aka,ka fahleho se hlokang tlhonga re ho yena:
14. “Kajeno ke entse nyehelo ya ka,kano tsa ka kajeno ke di phethile,ke na le dijo tsa nyehelo eo,ke na le tsona ha ka;
15. ke tlile tjena ho o kgahlanyetsa,kgale ke o batla, jwale ke o fumane!
16. Hodima moalo wa kake adile masela a lene,lene e mebalabala e tswang Egepeta.
17. Ke nonoditse moalo wa ka ka mmira,ka o nonotsa ka lekgala le sinamone.
18. Tloo, re kgotsofatse rato la ronaho fihlela bo esa,re ithabise ka ho mamarelana.
19. Hae mona monna wa ka ha a yo,o nkile leeto, o ile hole.
20. O nkile mokotlana o tletse tjhelete,o tla kgutlela hae kgwedi e tolokile.”
21. Ka puo tsa lehelehele lenamohlankana a ineela,ka molomo wa lona o ekang,mohlankana a hapeha.
22. Ka ho panya ha ntshimohlankana a le sala morao,a le latela sa pholo e iswa tlhabong,sa kgama e tlolela ka lemeneng;
23. sa nonyana e tshwaswake raba le tjhehilwe,e sa tsebe hore jwale e ya lefung,ho fihlela ha motsuo e phunya sebete.
24. Jwale bana ba ka mmameleng,sekehelang polelo tsa ka tsebe.
25. Pelo tsa lonadi se latele mekgwa ya seotswa,le se tsamaye mehlaleng ya sona.
26. Mahlatsipa a mangatase a entse mofela,tshwele la ba bolailweng ke sonaha le na palo.
27. Ntlo ya sonake tsela e isang lebitleng,ke mmila o isang Nqalong ya Bafu.