Maele 23 BIBELE (SSO89SO)

6

1. Ha o dula tafoleng,o eja le mmusi,hopola hantlehore na o dutse le mang;

2. haeba o itseba o le monyollo,ako itshware, o je jwaloka motho;

3. o se kgalle dimenyemenye tsa hae,hoba hase dijo empa e le maraba.

7

4. O se ka itja matla hore o ithuise;eba le bohlale ba ho itshwara.

5. Ha o re maruo hedi!o tla bona a sa nyametse,hobane a tla fela a mele mapheo,a fofele hodimo sa ntsu,sa ntsu e le sepakapakeng.

8

6. Se je dijo tsa ya lekgonatha,o se ke wa kgalladimenyemenye tsa hae,

7. hobane kamehlao nahana theko ya tsona.O re ho wena: “Eja, o nwe,”feela pelo ya hae yona ha e rialo.

8. O tla hlatsa le thathanaeo o e jeleng,ebe mantswe a haoa monate a teboho a senyehile.

9

9. O se ikgathatse ho bua le sethoto,hoba se tla nyedisabohlale ba dipuo tsa hao.

10

10. O se ke wa tlosamokolokotwane wa kgale,kapa wa hapa masimo a dikgutsana,

11. hoba Mosireletsi wa tsona o matla,ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.

11

12. Pelo ya haoe thahaselle ho ithuta,tsebe tsa haodi mamele puo tse nang le tsebo.

12

13. Se hlokise ngwana wa hao kgalemo,thupa ke mosesetsoe ke ke ya mmolaya.

14. Mo sasare ka leswai,o tla mo phemisa lefu.

13

15. Mora ka, haeba o le bohlale,le nna ke tla thaba;

16. pelo ya ka e tla nyakallaha o bua seo e leng nnete.

14

17. Pelo ya haoe se kgahlwe ke baetsadibe,empa kamehlao tjhesehele ho tshaba Morena.

18. Ruri o sa na le seoo se tshepileng kamoso,mme tshepo ya haoe ke ke ya ba ya fela.

15

19. Mamela, mora ka, o tlo hlalefe,o tsamaye tseleng e nepahetseng.

20. Se tsamaye le ba itlopang veine,kapa ba kgetshelakang dinama,

21. hoba matahwa le menyolloe a futsanehaho tsherehana ho e apesa marantha.

16

22. Mamela ntatao ya o tswetseng,O se nyedise mmao ha a tsofetse.

23. Reka nnete le bohlalele tayo le kutlwisiso,mme o se ke wa ba wa di rekisa.

24. Ntata ya lokilengo nyakalla haholo;ya nang le mora ya bohlaleo itumela ka yena.

25. Ntatao le mmao ba ke ba thabe,mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!

17

26. Mora ka, ako nnee pelo ya hao,mahlo a hao a kgahlwe,a kgahlwe ke metsamao ya ka,

27. hobane seotswake lemena le tebileng,seraburabu sonake mokoti o patisaneng;

28. se lalla jwaloka senokwane,se atisa dihlola hara banna.

18

29. Ya madimabe ke mang?Ya hlomohileng ke mang?Ya dikgang ke mang?Ya tletlebang ke mang?Ya meupa ya bosawana ke mang?Ya mahlomafubedu ke mang?

30. Ke ba hlanyetsang veine,ba yang ho latswa veinee tswakilweng.

31. O se ke wa tadima veineha e le kgubedu,ha e phophoma kahara mopotjwana,ha e re lelele! hamonate mmetsong.

32. E qetella ka ho loma jwaloka noha,mahloko a tjhatjhametsejwaloka a marabe.

33. Mahlo a haoa tla bona pono disele,kelello ya haoe nahane dintho tse ferekanyang.

34. O tla ba jwaloka ya robetsengbodibeng ba lewatle,ya paqamenghodima mehala ya sekepe.

35. O tla re: “Ba nkotlile,empa ha ke a utlwa bohloko!Ba ntjhapile,empa ha ke utlwe letho!Ekaba ke tla tsoha neng,ke tswe ke tshwara mohotswana,ke o tshwara hape?”