Maele 28 BIBELE (SSO89SO)

1. Ya kgopo o balehaa sa phaladiswe ke motho,ba lokilengbona ba sebete jwaloka tau.

2. Tjhaba ha se le kgopose hlahlamanya babusi,empa toka e hlahaka ya nang le bohlale le tsebo.

3. Mofumanehiya hatellang bafumanehio ka sekgohola se senyang dijalo.

4. Ba tlolang molaoba thoholetsa ba kgopo,empa ba o bolokangba hanyetsana le ba kgopo.

5. Batho ba kgopoha ba na kutlwisiso ya toka,ba kgumamelang Morenaba na le kutlwisiso ya tsohle.

6. Ho molemo ho ba mofutsanaya phelang ka botshepehi,ho ena le ho ba moruiya phelang ka bolotsana.

7. Ya bolokang molaoke mora ya bohlale,ya tlwaetseng menyolloo hlabisa ntatae dihlong.

8. Ya atisang ruo la haeka ho le tswadisa,a le atise le ka ho hanyapetsa,o le bokellelaya tla hauhela mafutsana.

9. Ya ithibang ditsebehore a se utlwe molao,thapelo tsa haele tsona ke manyala.

10. Ya kgelosang ba lokilenghore ba ye tseleng tse kgopo,o tla wela lemenengle tjhekilweng ke yena;ba se nang molatoba tla ja lefa la tse molemo.

11. Morui o ithetsaka ho re o bohlale,mofutsana ya sedio lemoha boithetso boo ba hae.

12. Ha ba lokileng ba busatjhaba se a thoholetsa;ha ba kgopo ba busatjhaba se a ipata.

13. Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;ya ipolelang tsona, a di bakela,o tla fumana mohau.

14. Ho lehlohonolo mothoya tshabang Morena kamehla,empa ya ithatafatsang peloo tla wela tsietsing.

15. Jwalokaha tau e purumale bere e kgobolaka,mmusi ya kgopo o jwaloha a busa bafumanehi.

16. Mmusi ya sethotoke mmampodi ya sehloho;ya hloileng maruo a bolotsanao tla phela halelele.

17. Ya molatowa ho tsholla madi a motho,e tla ba mophaphathehiho isa lefung,ho se be ya lekang ho mo thiba.

18. Ya phelang ka botshepehio tla fumana pholoho;ya phelang ka bokgopoyena hanghang o tla timela.

19. Ya lemang masimo a haeo tla tjhaya haholo;ya pheellang mafeelao tla futsaneha haholo.

20. Motho ya tshepahalango tla hlohonolofala haholo,athe ya potlakelang ho rua,kotlo o tla e fumana.

21. Ho ahlola ka leemehase ntho e ntle,empa motho a ka nna etsa sebe,hore a fumane sengwathwana.

22. Ya mahlo a matshoo potlakela leruo,ha a nahane le hore bofumabo tla mo wela hodimo.

23. Ya kgalemang motho e mong,o tla ratwa,ho feta ya qekisang ka leleme la hae.

24. Ya utswetsang ntatae kapa mmae,a ntsa ithetsa ka ho re:“Hona hase sebe,”ya jwalo yenake motswalle wa disenyi hantle.

25. Motho ya ikgohomosango fehla moferefere;ya itshepelang Morenao tla fumana katleho.

26. Motho ya sethotoke ya itshepang boyena,ya sebetsang ka bohlaleo tla fumana pholoho.

27. Ya fanang ho mafutsanaha ho seo a ka se hlokang;ya sa a natseng ka lethoo tla rohakwa ke ba bangata.