1. Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu.
2. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: “Rabbi, ya entseng sebe ke mang? Ke yena, kapa batswadi ba hae, ha e le moo a tswetswe a foufetse?”
3. Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena.
4. Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang.
5. Ha ke ntse ke le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.”
6. Ha a buile tsena, a tshwela fatshe, a duba seretse ka mathe, a tlotsa mahlo a sefofu ka sona,
7. mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.
8. Jwale ba ahisaneng le sona le ba se boneng pele e le mokopi, ba re: “Na hase yena ya neng a dula fatshe a kopa?”
9. Ba bang ba re: “Ke yena.”Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.”Yena a re: “Ke nna.”
10. Jwale ba re ho yena: “Mahlo a hao a tutubolohile jwang?”
11. Yena a araba, a re: “Motho ya bitswang Jesu o ile a duba seretse, a tlotsa mahlo a ka, a re ho nna: <Eya Silowame, o iphotle;> ka ya, ka iphotla, ka bona.”
12. Ba re ho yena: “O kae?”A re: “Ha ke tsebe.”
13. Ba isa ya neng a foufetse ho Bafarisi.
14. Letsatsi leo Jesu a neng a dube seretse ka lona, a tutubolla mahlo a hae, e ne e le la Sabatha.
15. Bafarisi ba mmotsa hape hore na o foufolohile jwang. A re ho bona: “O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ya iphotla, mme ka bona.”
16. Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.”Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.
17. Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?”Sa re: “Ke moporofeta.”
18. Bajuda ha ba a ka ba dumela hore o ne a foufetse, mme jwale o foufolohile, ho fihlela ba bitsa batswadi ba ya ileng a foufoloha.
19. Ba ba botsa, ba re: “Na eo ke mora wa lona, eo le reng o tswetswe a foufetse? O bona jwang jwale?”
20. Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: “Re a tseba hore enwa ke mora wa rona, le hore o tswetswe a foufetse,
21. empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.”
22. Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong.
23. Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.”
24. Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”
25. A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.”
26. Yaba ba re ho yena: “O ile a etsang ho wena? O ile a o tutubolla mahlo jwang?”
27. A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?”
28. Ba mo hlapaola, ba re: “Ke wena morutuwa wa hae, rona re barutuwa ba Moshe;
29. re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”
30. Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo.
31. Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.
32. Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu.
33. Ha motho enwa a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a etsa letho.”
34. Ba araba, ba re ho yena: “O tswetswe o le moetsadibe ka ho tlala, empa jwale o a re ruta?”Yaba ba a mo tebela.
35. Jesu a utlwa hore ba mo tebetse. Ha a mo fumana, a re ho yena: “Na o dumela ho Mora Motho?”
36. Yena a mmotsa, a re: “Ekaba ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?”
37. Jesu a re ho yena: “O mmone, ebile ke yena ya buang le wena.”
38. A re: “Ke a dumela, Morena,” mme a mo kgumamela.
39. Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”
40. Bafarisi ba nang le yena ba utlwa tsena, mme ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?”
41. Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: <Re a bona;> ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe.