Johanne 12 BIBELE (SSO89SO)

Jesu o tshelwa ka setlolo Bethania

1. Ha ho setse matsatsi a tsheletseng e eba Paseka, Jesu a ya Bethania, moo Lasaro, eo Jesu a neng a mo tsose bafung, a neng a le teng.

2. Ba mo etsetsa dijo teng, Maretha a ba fepa, mme Lasaro e ne e le e mong wa ba nang le yena dijong.

3. Maria a nka halofo ya lethara ya setlolo sa nareda ya sebele, ya bohlokwa, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo.

4. Judase Isekariota, e mong wa barutuwa ba Jesu, ya neng a tla mo eka, a re:

5. “Ke hobaneng ha setlolo see se sa ka sa rekiswa didenare tse makgolo a mararo, tsa newa mafutsana?”

6. O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.

7. Yaba Jesu o re: “Mo lese, a se bolokele letsatsi la kepelo ya ka,

8. hobane mafutsana le na le wona kamehla, empa nna le ke ke la ba le nna kamehla.”

Morero wa ho bolaya Lasaro

9. Letshwelehadi la Bajuda la tseba hore o teng moo, mme la tla, e seng ka baka la Jesu feela, empa le hore le bone Lasaro eo a mo tsositseng bafung.

10. Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe,

11. hobane ka baka la hae, Bajuda ba bangata ba ne ba ba kwenehela, ba dumela ho Jesu.

Jesu o kena Jerusalema

12. Ka la hosasane, letshwelehadi le tlileng moketeng ha le utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,

13. la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re:“Hosanna! Ho bokweya tlang ka lebitso la Morena,Kgosi ya Iseraele!”

14. Yare ha Jesu a fumana petsana ya tonki, a e palama, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:

15. “Se tshabe, moradi wa Sione:bona, Kgosi ya hao e a tla,e palame petsana ya tonki.”

16. Ho qaleng barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa ditaba tsena, empa yare ha Jesu a se a tlotlisitswe, ba hopola hore ditaba tsena di ne di ngotswe ka yena, mme tsena ba mo entse tsona.

17. Jwale letshwele le neng le ena le yena ha a bitsa Lasaro lebitleng, a mo tsosa bafung, le ne le paka hoo.

18. Ka baka leo, letshwele la mo kgahlanyetsa, hobane le utlwile hore o entse mohlolo ona.

19. Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”

Bagerike ba bang ba rata ho bona Jesu

20. Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba nyolohang ho ya kgumamela Modimo moketeng.

21. Ba tla ho Filipi wa Bethesaida e Galelea, ba kopa, ba re: “Monghadi, re rata ho bona Jesu.”

22. Filipi a ya bolella Andrease; Andrease le Filipi ba ya bolella Jesu.

23. Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.

24. Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata.

25. Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.

26. Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.

Eka kgona Mora Motho o phahamiswe

27. “Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: <Ntate, o mpholose nakong ena?> Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.

28. Ntate, tlotlisa lebitso la hao!”Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”

29. Letshwele le neng le eme moo, ha le utlwa, la re ke letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.”

30. Jesu a araba, a re: “Lentswe lena ha le a bua ka baka la ka, empa ke ka baka la lona.

31. Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa kantle,

32. mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.”

33. A rialo ho supa hore na o tla shwa lefu le jwang.

34. Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”

35. Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.

36. Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, e le hore le tle le be bana ba lesedi.”Jesu a bua ditaba tsena, mme a tloha a ipatela bona.

Ho se dumele ha Bajuda

37. Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena,

38. e le hore ho phethahale lentswe leo moporofeta Esaya a ileng a le bolela, a re:“Morena, ke mang ya dumelangseo re se bolelang?Tsoho la Morenale bonahaditswe ho mang?”

39. Ka baka leo, ba ne ba ke ke ba dumela, kahobane Esaya a ile a boela a re:

40. “O foufaditse mahlo a bona,a thatafatsa dipelo tsa bona,hore ba se ke ba bona ka mahlo,ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha,mme ka ba fodisa.”

41. Esaya o ile a bolela tsena hobane a ne a bone tlotla ya Morena, mme a bua ka yena.

42. Leha ho le jwalo, esita le ba bangata ba baokamedi ba ile ba dumela ho yena, empa ka baka la Bafarisi, ha ba a ka ba bolela, esere ba tebelwa tlung ya thapelo,

43. hobane ba ne ba rata tlotla e tswang ho batho ho feta tlotla e tswang ho Modimo.

Kahlolo ya ba sa dumeleng

44. Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng,

45. mme ya mponang o bona ya nthomileng.

46. Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing.

47. “Ha motho a utlwa dipolelo tsa ka, a sa di boloke, ha ke mo ahlole, hobane ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, empa ke tletse ho pholosa lefatshe.

48. Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo,

49. hobane ha ke a ka ka bua ka bonna, empa Ntate ya nthomileng o nneile taelo ya seo ke tla se bolela le ya seo ke tla se bua.

50. Ke a tseba hore taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng. Ka baka leo, tseo ke di buang ke di bua jwalokaha Ntate a mpoleletse tsona.”