1. Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne.
2. Feela Jesu ka sebele sa hae o ne a sa kolobetse, empa ho kolobetsa barutuwa ba hae.
3. Jesu a tloha Judea, a boela a ya Galelea.
4. O ne a tshwanetse ho haola ka la Samaria.
5. A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa.
6. Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
7. Mosadi wa Mosamaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ako mphe, ke nwe.”
8. Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.
9. Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria.
10. Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: <Ako mphe, ke nwe,> wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”
11. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?
12. Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”
13. Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape;
14. athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”
15. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.”
16. Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”
17. Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.”Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: <Ha ke na monna,>
18. hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.”
19. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.
20. Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.”
21. Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.
22. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.
23. Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.
24. Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”
25. Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.”
26. Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.”
27. Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?”
28. Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, o ya motseng, o re ho batho:
29. “Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”
30. Ba tswa motseng, ba tla ho yena.
31. Barutuwa ba sala ba mo kopa, ba re: “Rabbi, ako je.”
32. Empa a re ho bona: “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.”
33. Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?”
34. Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
35. Ha ke re le ye le re: <Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?> Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo.
36. Mokotudi o se a amohela moputso, mme dijo o di bokellela bophelo bo sa feleng, hore mojadi a thabe hammoho le mokotudi.
37. Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong o a jala, e mong o a kotula.
38. Ke le romile ho kotula seo le sa kang la se sebetsa; ba bang ba sebeditse, mme lona le ja mofufutso wa bona.”
39. Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.”
40. Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi.
41. Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae.
42. Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”
43. Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea,
44. hobane Jesu ka sebele sa hae o ile a bolela hore moporofeta ha a hlomphuwe ha habo.
45. Ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, hobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng moketeng, Jerusalema; kaha le bona ba ne ba ile moketeng.
46. A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma.
47. Ha le utlwa hore Jesu o fihlile Galelea a etswa Judea, la tla ho yena, la mo kopa hore a theohe, a yo fodisa mora wa lona, hobane o ne a le makgatheng a ho shwa.
48. Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”
49. Letona la re ho yena: “Monghadi, ako theohe hle, ngwana wa ka a eso shwe.”
50. Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.”Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela.
51. Ha a ntse a theoha, bahlanka ba hae ba mo kgahlanyetsa, ba re: “Mora wa hao o phetse.”
52. A ba botsa nako eo a qadileng ho thuseha ka yona; ba re ho yena: “Maobane, ka hora ya pele motsheare, feberu e ile ya mo tlohela.”
53. Jwale ntata ngwana a tseba hore ke ka yona nako eo Jesu a itseng ho yena: “Mora wa hao o phetse,” mme a dumela, le ba ntlo ya hae kaofela.
54. Mohlolo ona wa bobedi Jesu o o entse Galelea a etswa Judea.