Tshimoloho 27:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang.

10. O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.”

11. Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete.

12. Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.”

13. Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.”

14. Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang.

15. Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.

16. Yaba o thata matsoho a hae, le molala wa hae o lehwete, ka matlalo a dipotsanyane.

17. Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong.

18. Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!”Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”

19. Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”

Tshimoloho 27