Tshimoloho 27:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!”Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”

2. Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona.

3. Ako nke dibetsa tsa hao hle, le sehlajwa sa hao, le seqha sa hao, o ye naheng, o eo ntsomela phoofolo.

4. Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”

5. Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise.

6. Rebeka a bua le mora wa hae Jakobo, a re: “Ke utlwile ntatao a bua le moholwane wa ha Esau, a re:

7. <Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe.>

8. Jwale, ngwana ka, mamela kamoo ke o laelang kateng.

9. Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang.

10. O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.”

11. Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete.

Tshimoloho 27