2. Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng.
3. Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka.
4. Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”
5. Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang.
6. Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa.
7. A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.”
8. Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo.
9. Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.
10. Lena ke leloko la Sema.Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng.
11. Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.
12. Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela.
13. Hoba Shela a tswalwe, Arepakeshade o ile a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.
14. Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Ebere.
15. Hoba Ebere a tswalwe, Shela o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.
16. Ebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, yaba o tswala Pelege.
17. Hoba Pelege a tswalwe, Ebere o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi.
18. Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Reu.
19. Hoba Reu a tswalwe, Pelege o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi.
20. Reu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, yaba o tswala Seruge.
21. Hoba Seruge a tswalwe, Reu o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi.