Sofonea 2:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. “Baahi ba Gasa ba tla e baleha,Ashekelone e sale e le masupi.Baahi ba Ashedodeba tla phaladiswa,ba phaladiswehara motsheare wa lengeta,Ekerone yona ebe e a ripitlwa.

5. Le madimabe lonaba ahileng bopong la lewatle,le madimabe lona tjhaba sa Bakerete!Morena ke yena ya o qosang,wena Kanana, naha ya Bafilesita,ke tla o ripitla,ho be ho hlokwe le masalla.

6. Naha e bopong la lewatlee tla ba makgulo,e tla ba ya badisa le ya meraka.

7. E tla ba ya masallaa ba ntlo ya Juda,moo a alosetsangmehlape ya wona teng.Mantsiboya a tla bothaka matlung a Ashekelone,Morena Modimo wa wona,a a baballe,a a buseletse boiketlo ba wona.”

8. “Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile,nyefolo tsa Baamonele tsona ka di utlwa,ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka,ba ithorisetsaho kena meeding ya sona.

9. Ka baka leo, ke a hlapanya,”ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele.“Moabe e tla ba jwaloka Sodoma,Amone yona e be jwaloka Gomora,naha e tletseng bobatsile matjheko a letswai,naha e fetohileng nanaolaya mehla yohle.Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela,ba phonyohileng ba tjhaba sa kaba e hape.

10. Ona ke moputsowa boikgohomoso ba bona,kaha ba hlapaotse tjhabasa Morena wa mabotho,ba se hlapaola ba ba ba ithorisa.

11. Ho bona Morena o tla tshabeha,a fedise medingwana yohle ya lefatshe.Tjhaba tsohle tse mabopongdi tla mo kgumamela,motho ka monga mo kgumamele a le ha habo.”

12. “Le lona Bakushele tla timetswa,sabole ya Morena e le bolaye.”

Sofonea 2