1. “Lona tjhaba se hlabisang dihlong,phuthehang, le kgobokane,
2. nako e boletsweng e eso fihle,tsatsi leo le le fefola sa mmoko;pele kgalefo ya Morena e le fihlela,tsatsi la kgalefo ya Morenale le tjhabela.
3. Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,lona ba mamelang taelo ya Morena,batlang Morena, le mmatlisise.Batlang ho loka,le batle boikokobetso;mohlomong le ka sireletsehamohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”
4. “Baahi ba Gasa ba tla e baleha,Ashekelone e sale e le masupi.Baahi ba Ashedodeba tla phaladiswa,ba phaladiswehara motsheare wa lengeta,Ekerone yona ebe e a ripitlwa.
5. Le madimabe lonaba ahileng bopong la lewatle,le madimabe lona tjhaba sa Bakerete!Morena ke yena ya o qosang,wena Kanana, naha ya Bafilesita,ke tla o ripitla,ho be ho hlokwe le masalla.
6. Naha e bopong la lewatlee tla ba makgulo,e tla ba ya badisa le ya meraka.
7. E tla ba ya masallaa ba ntlo ya Juda,moo a alosetsangmehlape ya wona teng.Mantsiboya a tla bothaka matlung a Ashekelone,Morena Modimo wa wona,a a baballe,a a buseletse boiketlo ba wona.”
8. “Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile,nyefolo tsa Baamonele tsona ka di utlwa,ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka,ba ithorisetsaho kena meeding ya sona.
9. Ka baka leo, ke a hlapanya,”ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele.“Moabe e tla ba jwaloka Sodoma,Amone yona e be jwaloka Gomora,naha e tletseng bobatsile matjheko a letswai,naha e fetohileng nanaolaya mehla yohle.Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela,ba phonyohileng ba tjhaba sa kaba e hape.
10. Ona ke moputsowa boikgohomoso ba bona,kaha ba hlapaotse tjhabasa Morena wa mabotho,ba se hlapaola ba ba ba ithorisa.
11. Ho bona Morena o tla tshabeha,a fedise medingwana yohle ya lefatshe.Tjhaba tsohle tse mabopongdi tla mo kgumamela,motho ka monga mo kgumamele a le ha habo.”
12. “Le lona Bakushele tla timetswa,sabole ya Morena e le bolaye.”
13. Morena o tla otlolla tsoho la hae,a le otlollele leboya,a le otlolle, a timetse Asiria,a timetse Ninife, e fotohe nanaola,e sale e omeletse e ka lehwatata.
14. Mohlape o tla botha hona moo,le phoofolo tsa nahaka mefuta ya tsona.Sephooko le sephookwanadi tla robala teng,di robale kahodima ditshiya,tshiya tse ntseng di eme;bo-makgohlo ba hihitseba le difesetereng,kupukupu ya mobue thibile menyako,hobane kedare tsa yonadi tla be di wele.
15. Ke wona motse wane o motlehadi,o neng o ituletse ka kgotso,o neng o ikgohomosa ka ho re:“Ke nna feela, ha ho na e mong.”O fetohile lesupi le lekaakang!O fetohile letsaba la dibatana!Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla,ba letsa molodi, ba opa diatla!