Sefela Sa Difela 7 BIBELE (SSO89SO)

1. Maoto a haoa tshwanelwa ke meqathatso,a tshwanelwa ke yona hakaakang,wena kgosatsana, moradi wa kgosi!Thopola tsa hao di ka mabenyane,mabenyane a entswengke setsebi sa mekgabiso.

2. Mokgubu wa hao o ka mopotjwana,o sa ke be o hloke veinee tswakilweng ka dinoko.Theka la haole tshwana le setha sa mabele,se potapotilwengke mehaladitwe kahohle.

3. Matswele a haoa ka potsanyane tse pedi,potsanyane tsa mafahlanyana,potsanyane tsa tshepe.

4. Molala wa haoo ka tora ya manaka a tlou,mahlo a haoa ka matshana a Heshebone,a pela monyako wa motse,motse oo o moholo.Nko ya haoe ka tora ya Lebanone,tora e lebilengka nqeng ya Damaseka.

5. Hlooho ya haoe phahame sa Thaba ya Karamele,moriri wa haoo benya sa lesela le perese,lenyetse la haole hapile pelo ya kgosi.

6. O motle hakaakang, wena moratuwa!Rato la hao le kgahlisa ka tsohle!

7. Seemo sa haose ka fate sa palema,matswele a haoa ka masihla a morara.

8. Yaba ke re:“Ke tla hlwellahodima fate sena sa palema,ebe ke kgola tholwana tsa sona.”Matswele a haoa tla ka masihla a morara,moya wa haoo ke monkwane wa diapole,

9. molomo wa haoo ke veine e monate.A veine e lelemelle ho moratuwa,e theohele molomongle menong a hae.

10. Nna ke wa moratuwa wa ka,takatso tsa hae di tobile nna feela.

11. Tloo, moratuwa, re ikele hara naha,re yo ipaqamela hara dipalesa.

12. A re tsohelle rapeng tsa morara,re yo bonahore na morara o so fupile,na thunthung tsa wonadi se di hlahile,na dikgarenatedi se di thuntse na.Lerato ke tla o abela lona re le moo.