1. O motle hakaakang,wena moratuwa wa ka!O motle hakaakang!Mahlo a hao a kwahetswengke lesira a ka maeba,moriri wa haoo ka mohlape wa dipodiha di lepella Thabeng ya Gileade.
2. Meno a hao a ka mohlape wa dinkudi qeta ho kutwa,di nyolohamoo di tswa hlatsuwa teng;thojana ka seng se tswetse mafahla,ha ho le se seng sa tsonase sa tswalang.
3. Melomo ya haoe ka kgwele e kgubedu,ho bua ha haole hona ho a kgahleha;marama a hao,a kwahetsweng ke lesira,a tshwana le kgekge tsa kgarenate,kgarenate e petsotswe.
4. Molala wa haoo tshwana le tora ya Davida,e hahilwengka bokgabane bo boholo;ho yona ho leketla dithebedi le sekete,kaofela ha tsonae le dithebe tsa bahlabani.
5. Matswele a haoa ka potsanyane tse pedi,mafahlanyana a tshepea fulang mehaladitweng.
6. Tsatsi le eso tjhabe,meriti e eso honyele,ke tla nyolohela thabenge metseng tlama tsa mmira,ke nyolohele lerallengle metseng tlama tsa mokubetso
7. Moratuwa,botle ba hao bo phethehile,botle ba hao bo hloka sekodi.
8. Tloha le nna Lebanone,monyaduwa wa ka,tloha le nna Lebanone!Theoha tlhorong ya Amana,o theohe tlhorong ya Senirele ya Heremone,o tlohe dilaong tsa ditau,thabeng tseo mangaua phelang ho tsona.
9. O hapile pelo ya ka,wena kgaitsedi,o hapile pelo ya ka,monyaduwa wa ka;wa e hapa ka ho nthe hedi!ka la moleka,ka mofollelo o le mongwa faha sa molala wa hao.
10. Rato la hao le monate hakaakang,kgaitsedi, monyaduwa wa ka!Rato la haole monate ho feta veine,menkwane ya haoe feta le ya dinoko!
11. Mahe a dinotshia rotha molomong wa hao,monyaduwa wa ka,tlasa leme la haoho tswa lebese, le mahe a dinotshi,menkwane ya aparo tsa haoe ka ya Lebanone.
12. O rapa se sireleditsweng,kgaitsedi, monyaduwa wa ka;o diba se haheleditsweng,sa bitielwa.
13. Dikgarenate ke dimelatsa tshimo ya hao,tholwana tsa tsona,ka monate, di a babatswa!Mmasa le dinaretale tsona di a fumanwa.
14. Ho metse nareta le saforonele lehlaka le sinamone,le fate tsa mokubetsoka mefuta ya tsona.Mmira le lekgalale tsona di mela moo,le tlamana tsohletse monko o monate.
15. O mohlodi o nwesetsang serapa,o diba sa metsi a kollang,a phallanga etswa kwana Lebanone.
16. Tsoha wena moya wa leboya,ako tle le wena moya wa borwa!Puputlelang ka serapeng sa ka,menkwane ya sonae phatlallele hohle,moratuwa a ke a tleka rapeng sa hae,a je tholwana tse monateka ho fetisa!