10. Rato la hao le monate hakaakang,kgaitsedi, monyaduwa wa ka!Rato la haole monate ho feta veine,menkwane ya haoe feta le ya dinoko!
11. Mahe a dinotshia rotha molomong wa hao,monyaduwa wa ka,tlasa leme la haoho tswa lebese, le mahe a dinotshi,menkwane ya aparo tsa haoe ka ya Lebanone.
12. O rapa se sireleditsweng,kgaitsedi, monyaduwa wa ka;o diba se haheleditsweng,sa bitielwa.
13. Dikgarenate ke dimelatsa tshimo ya hao,tholwana tsa tsona,ka monate, di a babatswa!Mmasa le dinaretale tsona di a fumanwa.
14. Ho metse nareta le saforonele lehlaka le sinamone,le fate tsa mokubetsoka mefuta ya tsona.Mmira le lekgalale tsona di mela moo,le tlamana tsohletse monko o monate.
15. O mohlodi o nwesetsang serapa,o diba sa metsi a kollang,a phallanga etswa kwana Lebanone.
16. Tsoha wena moya wa leboya,ako tle le wena moya wa borwa!Puputlelang ka serapeng sa ka,menkwane ya sonae phatlallele hohle,moratuwa a ke a tleka rapeng sa hae,a je tholwana tse monateka ho fetisa!