7. nako ya ho tabolale nako ya ho roka,nako ya ho kgutsale nako ya ho bua;
8. nako ya ho ratale nako ya ho hloya,nako ya ntwale nako ya kgotso.
9. Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?
10. Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.
11. O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
12. Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.
13. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
14. Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
15. Tse teng ha di qale ho ba teng,tse tla ba teng di bile teng pele;Modimo o etsa hore tsohle di sene,di suthelane sebaka.
16. Mona lefatshengka boela ka bona hona:Sebakeng sa kahloloka bona bokgopo,sebakeng sa tokaka bona bokgopo.
17. Yaba ke bua ka pelo, ke re:“Modimo o tla ahlolaya lokileng le ya kgopo;ntho ka nngwee na le nako ya yona,ketso ka nngwee na le nako ya yona.”