Moruti 3:20-22 BIBELE (SSO89SO)

20. Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.

21. Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”

22. Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?

Moruti 3