8. “Lefeela la mafeela,”ho rialo Moruti,“tsohle ke lefeela!”
9. Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.
10. A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.
11. Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.
12. Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.