6. Mo hopolekgwele ya silefera e eso kgaohe,jana sa kgauta se eso pshatlehe,nkgo e eso bjaratsehe sedibeng,kgwele ya sekgelloe eso kgaohele ka sedibeng;
7. lerole le eso busetswe leroleng,moya o kgutlela ho Modimo,Mofani wa wona.
8. “Lefeela la mafeela,”ho rialo Moruti,“tsohle ke lefeela!”
9. Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.
10. A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.
11. Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.
12. Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.
13. Tsohle jwale di utlwahetse,mme qetello ya taba ke ena:Tshaba Modimo,o boloke melao ya hae,hoba honake tshwanelo yohle ya motho.