Meetlo 24:12-23 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba mo kenya tjhankaneng ho fihlela Modimo a ka ba tsebisa taelo ya hae.

13. Morena a bua ho Moshe, a re:

14. “Ya rohakaneng eo, mo ntshetseng kantle ho diahelo, mme bohle ba mo utlwileng ha a rohakana ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya hae, ebe setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.

15. Jwale o bue le bana ba Iseraele, o re: <Motho ofe kapa ofe ya rohakang Modimo wa hae o tla ahlolelwa sebe seo sa hae,

16. mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.

17. “ <Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa.

18. Ya otlang phoofolo, mme a e bolaya, o tla lefa phoofolo eo ka phoofolo e nngwe.

19. “ <Ha motho a holofatsa wa habo, le yena a holofatswe jwalokaha a entse;

20. ho robeha ho lefshwe ka ho robeha, leihlo ka leihlo, leino ka leino, a etswe kamoo le yena a entseng e mong kateng.

21. Ya bolayang phoofolo o tla e lefa, empa ya bolayang motho, le yena o tla bolawa.

22. Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

23. Yaba Moshe o bua le bana ba Iseraele, mme ya rohakaneng ba mo ntshetsa kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa ka majwe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe.

Meetlo 24