1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole ya mohlwaare e hlwekileng, ya ho bonesa, hore lebone le tle le nne le tuke kamehla.
3. Ka tsatsi le leng le le leng, ho tloha ka phirimana ho fihlela hoseng, Arone o tla le kgantsha ka Tenteng ya Morena, kapele ho Morena, ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona.
4. Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.
5. “O tla nka phofo e thumisehileng, o etse dikuku tse leshome le metso e mmedi; kuku ka nngwe e etswe ka phofo e boima ba kilo e le nngwe.
6. O tla di bea ka mela e mmedi hodima tafole ya kgauta e hlwekileng, kapele ho Morena, mola ka mong o be le dikuku tse tsheletseng.
7. Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.
8. Ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha, Arone o tla bea bohobe bona kapele ho Morena kamehla, bo etswa ho bana ba Iseraele, e le selekane sa mehla yohle.
9. Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.”