17. Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”
18. Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
19. A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”
20. Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
21. Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.
22. Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu.
23. Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
24. Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
25. A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.