Matheu 21:33-46 BIBELE (SSO89SO)

33. “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.

34. Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.

35. “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.

36. A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo.

37. Qetellong a romela mora wa hae, a re: <Ba tla hlompha mora wa ka.>

38. “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: <Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!>

39. Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya.

40. “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?”

41. Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”

42. Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:“ <Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile lejwe la mantlha;ke Morena ya entseng hona,mme mahlong a rona ke mohlolo>?

43. “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.

44. Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”

45. Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona.

46. Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta.

Matheu 21