30. “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: <E, ntate, ke tla ya,> empa a se ke a ya.
31. “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?”Ba re: “Ke wa pele.”Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.
32. Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.
33. “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
34. Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.
35. “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.
36. A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo.
37. Qetellong a romela mora wa hae, a re: <Ba tla hlompha mora wa ka.>
38. “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: <Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!>
39. Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya.
40. “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?”
41. Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”
42. Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:“ <Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile lejwe la mantlha;ke Morena ya entseng hona,mme mahlong a rona ke mohlolo>?