Matheu 21:26-35 BIBELE (SSO89SO)

26. Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”

27. Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.”A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.

28. “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: <Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!>

29. “A araba, a re: <Ke a hana!> Empa hamorao a ikwahlaya, a ya.

30. “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: <E, ntate, ke tla ya,> empa a se ke a ya.

31. “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?”Ba re: “Ke wa pele.”Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.

32. Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.

33. “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.

34. Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.

35. “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.

Matheu 21