22. mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”
23. Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”
24. Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena.
25. Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?”Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.
26. Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”
27. Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.”A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.
28. “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: <Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!>
29. “A araba, a re: <Ke a hana!> Empa hamorao a ikwahlaya, a ya.
30. “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: <E, ntate, ke tla ya,> empa a se ke a ya.
31. “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?”Ba re: “Ke wa pele.”Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.
32. Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.