14. Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa.
15. Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
16. Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: <O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?> ”
17. Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.
18. Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile.
19. A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.
20. Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?”
21. Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: <Sutha, o yo wela lewatleng,> hoo ho tla etsahala,
22. mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”
23. Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”
24. Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena.