Matheu 2:10-23 BIBELE (SSO89SO)

10. Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo.

11. Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.

12. Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.

13. Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”

14. A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta,

15. mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”

16. Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.

17. Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:

18. “Mohoo o utlwahetse Rama:seboko le sello sa mmokotsane;Ragele o llela bana ba hae,mme o hana ho tshediseha,hobane ha ba sa le yo.”

19. Hoba Heroda a shwe, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa, torong, Egepeta,

20. la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”

21. Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele.

22. Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea,

23. a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.

Matheu 2