Matheu 17:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?”

11. A ba araba, a re: “Elia o hlile o a tla, mme o tla busetsa dintho tsohle madulong.

12. Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.”

13. Jwale barutuwa ba utlwisisa hore o ne a bua le bona ka Johanne Mokolobetsi.

14. Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena,

15. a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing.

16. Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.”

17. Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”

18. Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.

19. Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?”

20. A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: <Sutha mona, o ye mane,> mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.

21. Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.”

22. Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,

Matheu 17