1. Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing.
2. A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.
3. Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu.
4. Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.”
5. Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
6. Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo.
7. Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!”
8. Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela.
9. Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”