15. Petrose a re ho yena: “Ako re qaqisetse se bolelwang ke setshwantsho sena.”
16. Jesu a re: “Na le lona le ntse le hloka kutlwisiso?
17. Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng?
18. Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho;
19. hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.
20. Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
21. Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone.
22. Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”
23. Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”
24. Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”
25. Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!”
26. Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.”
27. Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.”
28. Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
29. Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng.