3. Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane,
4. mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona.
5. Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
6. Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re:
7. “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”
8. Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?
9. Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: <O tshwaretswe dibe tsa hao,> kapa ho re: <Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?>
10. Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho,
11. “ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.”
12. Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”
13. Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.
14. Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.
15. Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.