1. Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae.
2. Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe.
3. Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane,
4. mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona.
5. Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
6. Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re:
7. “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”
8. Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?
9. Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: <O tshwaretswe dibe tsa hao,> kapa ho re: <Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?>
10. Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho,
11. “ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.”
12. Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”
13. Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.
14. Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.
15. Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.
16. Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”
17. Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”
18. Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”
19. Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo.
20. Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo.
21. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.
22. Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”
23. Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya.
24. Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?”
25. A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;
26. kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?”
27. A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha.
28. Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.”