Mareka 1 BIBELE (SSO89SO)

Thuto ya Johanne Mokolobetsi

1. Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo.

2. Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe:“Ke romela leqosa la ka ke leo,le tla o etella pele,le o lokisetse tsela.

3. Lentswe la ya howang feelleng,le re:<Lokisang mmila wa Morena,le otlolle ditsela tsa hae!> ”

4. Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe.

5. Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

6. Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.

7. A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae.

8. Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.”

Jesu o a kolobetswa

9. Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne.

10. Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba,

11. mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

Jesu o a lekwa

12. Yaba Moya o mo kgannela feelleng,

13. mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa.

Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea

14. Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,

15. a re: “Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.”

Jesu o bitsa batshwasi ba bane ba ditlhapi

16. Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.

17. Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”

18. Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

19. Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.

20. Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao.

Motho ya nang le moya o ditshila

21. Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta.

22. Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.

23. Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla,

24. a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”

25. Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!”

26. Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.

27. Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”

28. Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.

Jesu o fodisa batho ba bangata

29. Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.

30. Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu.

31. Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa.

32. Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona,

33. mme motse wohle wa bokana monyako.

34. A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang.

Jesu o a ruta

35. Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng.

36. Simone le ba neng ba ena le yena ba mmatla;

37. ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.”

38. A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.”

39. A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona.

Jesu o fodisa molepera

40. Molepera a tla ho yena, a kgumama, a mo rapela, a re ho yena: “Ha o rata, o ka ntlhwekisa.”

41. Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!”

42. Hanghang lepera la mo tlohela, mme a hlweka.

43. Jesu a mo laya ka thata, a nto re a tlohe hanghang,

44. mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”

45. Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.