13. Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.
14. Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.
15. Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.
16. Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”
17. Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”
18. Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”
19. Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo.
20. Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo.
21. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.
22. Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”
23. Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya.